MORALO
Hobaneng ha ho hlokeha moralo o motjha?
Motheo
Ka mora dilemo tse leshome tsa demokerasi, e nngwe ya diqholotso tse kgolo tseo mmuso o tobaneng le tsona ke ho shebana le ho salla morao ha matlo a amang balelapa ba dimilione tse 2.4
Ka karolong e nngwe, hona ho bakwa ke:
Palohare ya ho hola ha baahi ba 2.1% ka selemo, bao ka mora dilemo tse hlano ba bakileng keketso ya baahi ya 10.4% kapa e fetang batho ba dimilione tse 4.2
Keketso ya 30% palong e felletseng ya balelapa e hlalositseng hore boholo ba 20% bo batla matlo ho feta ka moo ho neng ho lekantswe ka teng.
Hodima tsena hape ho na le diphetoho tse latelang tsa moruo wa phedisano:
Ho ya ka tikoloho ya motsesetoropo, ho bile le ho hola ho potlakileng. Nngwe bohlanong ya baahi ba motsesetoropo ke matlabotjha metsesetoropong. Metsesetoropo ya naha e lebeletswe ho hola ha lebelo la 2.7% ka selemo , mme Kgauteng e na le kgolo e habedi ya setjhaba e latelwang ke Kapa Bophirimela, KwaZulu-Natala le Mpumalanga.
Jwale, le ha ho ile ha hahuwa matlo a dimilione tse 1,6 dilemong tse leshome, Lefapha la Matlo le sitilwe ho ka haha matlo a lekaneng le mabaka a mang a mangata a bakileng keketso ho se haheng matlo ho tloha dilemong tsa bo1990.
Seo mmuso o neng o se hloka hape tsamaisong ena ke diphapang tsa phedisano le jeokerafi. Borarong ba setjhaba bo sa ntse bo dula makeisheneng ha mmoho le naheng e ka thoko moo mekhukhu e neng e ahwa ka potlako teng. Tsena tsohle tse hlahellang le ho eketseha ka ho batla keketso ha batjha mabapi le matlo a hlophisitsweng.
Diporovenseng tse ding ho fokotseha ha phumantsho ya matlo ho tsamaelanang le hore malapa a 800,000 a lenaneng la tshehetso ka ditjhelete, le ona a batla mokgwa o motjha wa ho thuswa o shebaneng le mathata a phumantsho ya matlo dilemong tse leshome tse tlang.
Tikoloho ya Phedisano
Ka ntle ho tieho ya ho fumana matlo, phumantsho eo ha e a ka ya fapana le moralo wa apareteiti.
Hona ho hlalositse hore:
makeishene a ahilweng hole haholo le moo ho nang le kgwebo;
teranseporoto ya ho ya le ho tswa makeisheneng e bile teng, mme e lokela ho tshehetswa ka ditjhelete ke mmuso;
kgwebo ya boemo bo tlase e bakile bofuma bo boholo; mme ho hlokeha ha dibaka tsa ho ikgatholla ho baka bahahi ba hlokang, ba nyahammeng ba se nang letho leo ba le etsang le moo ba ka yang teng.
Moralo wa Sebaka
Ka lebaka la moralo wa sebaka wa apareteiti le hore batho ba batsho ba bangata ho feta merabe e meng, matlo a boemo bo tlase a bonwa a tsamaelana le batho ba batsho dibakeng tsena tseo e leng hore di hloka phedisano le moruo.
Le hore ho bonahala eka ha ho na hore ho ka etsahala hore ho be le ho phedisana, hona ho bakile hore baahi ba dule dibakeng tse arohaneng.
Taelo ya Mopresidente
Ke ka lebaka la motheo ona hore Mopresidente Mbeki a laele Lefapha la Matlo ka 21 Mmesa 2004, hore le thuse dikgweding tse tharo ka lenane le felletseng le sebetsang ka moo batho ba tla dula teng le dintho tse ka thusang tsa phedisano. Moralo o ka kenyeletsa:
Batho ba futsanehileng ba hire matlo; Ho potlakisa; le ho kopanya Merabe.
Moralo e bile ho shebana hape le mekgwa diporovenseng tse ding moo ho bileng le:
phumantsho ya matlo e lenama; ha mmoho le ho shebana le qaka ya mekgwa ya sebaka sa bodulo; le tse ka etsahalang ka tsena boitekong ba rona ho haha setjhaba se hlokang bomorabe.
Batho ba tla una molemo ofe?
Ho Maafrikaborwa ohle e fana ka monyetla wa ho fumana matlo dibakeng tse behilweng hantle; tse radilweng le tse sebeditsweng pele.
Ho bafutsana ba dikojwana mahetleng k.h.r. mapenshenara le bafutsana, bokgoni ba ho fumana matlo a bonahalang a ka hirwang kapa ho ka ba le matlo ho sa hlokwe ho boloka tjhelete.
Bao ba lefuwang tjhelete e kgotsofatsang, k.h.r. ba fumanang e mahareng a
R3 501 ? R7 000, ho ka ba le hona ho fumana mokitlana dibankeng le ho hong mabapi le dipositi e fumanwang mmusong.
Bohle ba fumanang tshehetso ya ditjhelete ba tla fumana mokitlana o ekeditsweng le boikgethelo ba ho ba le matlo le matlo a boemo bo hodimo.
Matlo a boemo bo hodimo a bohle ba ka tshehetswang ka ditjhelete.
Ho ba sa tsitsang ka bodulo metsesetoropong le ba batlang mosebetsi ba dulang ba falla le basebetsi ba dinako tse itseng selemong, ho ka hira metseng e meholo ha ba sa ntse ba e na le matlo mahaeng.
Ho ba le tshepo ha batho ba dulang mekhukhung ho ba le bophelo ba kgahlisang ka Lenaneo la Ntlafatsa Bodulo, ha Mmuso o shebana le hona.
Mabapi le mekgatlo ya ditjhelete, ho itella ho sebedisana le Mmuso le mokgwa o kgothaletswang wa ho adima tjhelete.
Mmuso o itella ho thusa mekgatlo ka ho sebetsa mmoho le yona, ho hlekelwa sebae ka ho ba le dikgothaletso tsa ho kenya letsoho phumantshong ya matlo ho bafutsana.
Hore Maafrikaborwa ohle, a kenye letsoho mokgweng wa ho potlakisa ho thusa ho tlisa bodulo bo sa kgaotseng.
Metheo ya leano e dula e ntse e lokile ebile e le e metle, empa moralo o motjha o a hlokeha ho lebisa hape le ho phahamisa mekgwa e teng ya ho tsamaela ho lebeng thusong e arabelang le e phethahetseng.
Moralo e teng ka lebaka la:
Phuputso e matla;
Puisano e batsi le ba tla kenya letsoho ba fapaneng;
Dipitso bonyane diporovenseng tse hlano; le
Dipuisano tsa mafapha ka boona.
Moralo o motjha wa bodulo ba batho o matlafatsa ponelopele ya Lefapha la Matlo, ho ntshetsa pele katleho ya phedisano e hlokang bomorabe, e kopaneng ka ntshetsopele ya ho tswela pele ha bodulo ba batho le matlo a maemo. Ho ya ka ponelopele ena e batsi, Lefapha le itella ho fihlella dipheo tse latelang tse ikgethang:
Ho potlakisa ho thusa ka ho fumantsha matlo e le moralo wa bohlokwa wa ho fokotsa bofuma;
Ho tiisa hore matlo a ka fumaneha jwalo ka moralo wa bohlokwa o thehilweng wa ho etsa mesebetsi;
Ho thusa ho hola ha moruo;
Ho thibela bosenyi, ho ntshetsa pele tshebedisano ya phedisano le ho ntlafatsa maemo a bophelo a bafutsana;
Ho tshehetsa ho sebetseha ha maraka wa matlo wa baahi ohle o le mong e le ho fedisa ho iphetha mabpi le bodulo ka ho fedisa dithibelo tse teng mahareng a katleho e kgolo ya bodulo le ho theoha ha moruo wa bobedi; le
Ho sebedisa ho fumaneha ha matlo jwalo ka sesebediswa sa ho tswelapele ho sa tlo fela ha bodulo ba batho, ho tshehetswa ho hlophisa hape dibaka tsa ho dula.
Ho Lekola hape mosebetsi wa Mmuso
Ka Lefapha la Matlo, Mmuso o tla tsamaisa e seng feela tefello e tlase ya ho fumana matlo, empa maraka ohle wa bodulo.
Ho tla ba le ho ritsa ho bonahalang ho aheng feela matlo ka mela ho ya ho thuseng ha bodulo ba batho.
Ho ralwa ha leano le ntshetsopele di tla ntlafatswa ka ho sebedisa leano, ho le lekola le ho le hlahloba.
Lefapha le tla sebetsa ho tloha ho ho ralweng ha leano feela, empa ho sebedisa leano.
Ho tla ba le tjhelete e ngata ya ho thusa ho fumana matlo
Batho ba bangata, ba amohelang meputso ka ho fapana, ba tla thuswa. Mmuso o tla fana ka tjhelete e loketseng le ho thusa jwalo ka ha ho bontshitswe Lebokoseng la B. Dilemong tse leshome tse fetileng, batho ba fumanang moputso o mahareng a R3 501 le R7 000 ba ne ba sa thuswe ho ya ka tshehetso ya ditjhelete ya matlo ya Mmuso. Ho fokotsa ho dieha ho fumantsha matlo ha mmoho le ho kgothaletsa dibanka ho adima batho ba bangata le ho feta, Lefapha jwale le tla tseba jwale ho thusa batho ba amohelang jwalo ho fumana mokitlane dibankeng le ho tshehetsa karolo e hlokwang ya dipositi. Ho lebeletswe hore mokgwa ona o tla thusa ho kgothaletsa batho baneng ba hloka ba bangata ba ho ba le matlo. Ka tsela ena, hona ho tla etsa hore batho ba bangata ba be le matlo.
Ba tla fumana lefa ha ba kenngwe phehisong ya R2479
Ba tla fumana lefa ka mathata a leruo, ba sitwang ka dinako tsohle kapa nakwana feela ho ikahela matlo a bona, mme ba amohela moputso o sa feteng R1 500 ka kgwedi, le bona ba ka ngolla hore thuso ya ditjhelete ya R28 500 e eketswe hore ba kgone ho ba thusa ho ka haha matlo.
Ngaka e ngodisitsweng e lokela ho tiisa hore motho eo o phetse jwang ha motho ya kulang a ngodisetsa thuso ya tjhelete. Molao wa ho nahana ka tshebediso e tjena, ke hore ho fokola ho jwalo, bonyane, ho dule ho le teng ka nako ya morereo kapa e be ho teng ho ya ho ile.
Metsofe le ba holofetseng ba a kenyeletswa mokgweng ona le bona.
Lebokose la A:Ditsamaiso tsa sejwale tsa thuso ya tjhelete ho fihlela 31 Hlakubele 2005
Hlophiso ya moputso
Thuso ya tjhelete ya hona jwale
Bafutsana Metsofe dihole le ba kulelang saruri
R0 ho ya ho R800
R0 ho ya ho R1500
R1 500 ho ya ho R2 500
R2 501 ho ya ho R3 500
Tshuso e fetileng ya tjhelete e fedisitswe e le hore ho be le phumantsho e kgolo ya ho lefella matlo. Hona ho entswe e le hore ho be le batho ba bangata ba neng ba sa be le hona ho ka fumana thuso ya tjhelete ya ho fumana matlo nakong e fetileng. Mabpi le taba ena ho thehilwe ho arolwa ha mekga e meraro jwale ka ha ho bontshitswe Lebokoseng la B.
Ho hlokomela hore ho be le boemo bo hodimo
Morero o beha ntshetsopele le ho fana ka boemo bo hodimo ba matlo ka pele ho e na le hore ho hahilwe matlo a makae. Ena ke taba eo ho ke keng ha nkisanwa kgang ka yona, mme Lekgotla la Ngodiso la Matlo la Setjhaba (LNMS) ke mokgwa o thehilweng wa ho hlokomela hore tsamaiso ena e a phethahatswa. LNMS ke yona e hlokomelang boemo bo hodimo ba ntshetsopele e hodimo ya matlo le ho thibela diphoso matlong.
LNMS le hlalositse hore ho ya ka moralo o motjha wa matlo, ho ka hahuwa matlo a dikamore tse tharo ho ya ka thuso ya tjhelete ya R25 800. Dipallo di se di sebeditswe. Tsena e tla ba ditlhoko tsa boemo tsa dikonteraka tsohle, tseo ho tla fanwang ka setifikeiti ka tsona ke LNMS. Jwale:
Kgetho le boemo bo hodimo ha di na ho tshohlwa
Mmuso o tla sebetsa ka bokgabane
Ka moo Mmuso o tla sebetsang ka teng ka mafapha a mangata o tla matlafatswa ka ha ho pehelo ya motheo o moholo le ho ba teng ha naha di tla tsamaiswa mmoho.
Dithuso tsa ditjhelete di tla sebedisetswa ho ya ka bomeo bo hodimo le hlophiso e hodimo e kgolo.
Ntlo ke letlotlo la ho bopa leruo
Letsholo le kenyeletsang tsohle ka thuso ya bareki ho etsa hore ho be le tsebo ka matla a ntlo ho hlahisa leruo.
Ho kgothaletsa mahokela mahareng a mebaraka ya motheo le ya bobedi.
Ho potlakisa ho fumana ha mangolo a molao a ho ba le ditsha.
Rente
Pehelo ya bodulo ba rente e tla bay a mantlha. Bodulo ba matlo a rentuwang bo tla etswa hore e be ba bohle ba fumanang meputso e fapaneng ho kenyeletswa le ba thuswang ka tjhelete e leng maqheku, ba tswang ka ntle ho naha le basebetsi ba hahlaulang naha. Ho tla ba le mefuta ya boikgethelo bo fapaneng ba ho renta ho kenyeletswa ho renta ho reka kapa ho renta ha nako yohle ho dumella batho ho sebetsa metseng e meholo kapa ditoropong le, ha eba ba ikgethela, ba boloke matlo a bona ao ba nang le ona mahaeng. Ena e tla ba karolo ya seo ba thusang ka sona ho ntjhafatseng metse ya ditoropo le kgodiso hape ya bohare ba metse e meholo.
Monyetla wa ho sebetsa le mmuso wa lehae ho hlokomela hore ho be le bodulo bo rentuwang, o kenyeletsa:
matlo a haufi le dibaka tsa mosebetsi;
phetolo ya meaho ya e bohareng ho metse e meholo hore e be bodulo bo rentuwang babatho ba amohelang moputso o tlase; le ho sebedisa mekgwa e loketseng ya ho sebedisa melao ho beng ba meaho ba bodulo bo rentuwang.
Hona ho tla lokisetsa hore batho ba amohelang moputso o tlase ba be le hona ho ka fumana le ho ikgethela ho:
Renta;
Ho renta ho reka;
Ho ba le ho ba le matlo ka botlalo; kapa
Menyetla e mmedi eo (j.k ho ba le ntlo mahaeng le ho renta matlo a thuswang ka tjhelete ke mmuso ditoropong)
Jwale:
Ho tla ba le ho fumaneha ho hoholo ha ho rentwa ha matlo ho potlakisitsweng.
Bodulo bo tla fumaneha ka ho renta ho reka.
Ho tla ba le kgothaletso ya ntjhafatso ya metse ya ditoropo le kgodiso e nngwe hape ka dikgothaletso tsa lekgetho mabapi le bantshetsipele le bareki.
Ho fumaneha ha matlo ho tla kopanngwa le dikgothaletso tsa lekgetho tsa sebaka tsa ntshetsopele ya motes wa toropo.
Dibaka tsa baipehi
Moralo o boela o sebetsana le mathata a tsamaelanang le dibaka tsa baipehi tse jwalo ka tshubuhlellano, bofuma, ho hlokeha ha dibaka tsa boiphediso le mathata a bophelo bo bottle. Hapehape, ho fana ka thuso ya tshireletso ya setsha ho ba dulang dibakeng tsa baipehi e tla ba taba ya mantlha.
Ka tshebediso ya moralo, baahi ba hlokang batla qalella ho fumana ditshebeletso, boikgethelo bo boholo ka mofuta wa matlo le, haholoholo, bophelo bo molemo. Sepheo ke ho hlokomela hore nakong ya dilemo tse leshome boholo ba dibaka tsa boipehi di tla be di tlositswe ho na le matlo a hahilweng. Ona ke mokgwa o motjha o kenngwang wa ntshetsopele o tla shebana pele le tshebeletso ya tlokotsi le ho hlokeha ha matlo, mme qetellong ho thuswe batho haholo ba dulang dibakeng tsa boipehi. Morero wa mmila wa N2 Motsekapa ke morero wa pele wa ho fedisa bodulo bona ba boipehi. Porovense ka nngwe e tla ba le mahlakore a mabedi ao e tla a ntshetsa pele e le merero e ka sehloohong. Ya pele e tla ba ho tloswa ha dibaka tsa boipehi; mme e nngwe e tla ba ho thehwa ha dibaka tsa batho.
Ho tla ba le tshusumetso ya bohle le e tshebedisano mabapi le ho fedisa dibaka tsa boipehi ho ya ka dinako tse behilweng.
Dibaka tsa boipehi di tla ntlafatswa ho ya ka sebaka se batsi naheng e loketseng.
Ho ya ba le bonnete, ho ka fihlella ditshebeletso tse loketseng, tshireletso, le boikgethelo ba matlo a maemo a hodimo a baahi.
Ho na le madulo a fetang dimilione tse 2.2 tse hlophisitsweng e le mekhukhu.
Ho hlokeha motheo o jwalo ka tsamaiso ya dikgwerekgwere le metsi a phallang.
Bosinyi bo eme ka maoto ka ha ho boima ho fihlella diteshene tsa mapolesa le mapolesa a tsamayang hohle.
Ditshila tse tletseng hohle.
Dikgokahanyo tsa teranseporoto di a sitisa ka ha ditsela ha di a tshelwa sekontiri.
Ha ho na dibaka tsa ho itlhwekisa tsa setjhaba.
Merero ya Mantlha e hlwailweng mabapi le ho ntlafatswa ha mekhukhu:
POROVENSE MORERO MASEPALA MOTSE
Rustenburg Rustenburg Rustenburg
Ho atametsa basebeletsi haufi le dibaka tsa mesebetsi
Re sebetsa le mmuso wa lehae ka ho hlokomela ho bat eng ha thepa e eketsehileng ya rente ka:
Phetolo ya meaho e ka hara motsemoholo hore e be bodulo bo rentwang ba tefello e tlase.
Ho sebediswa mokgwa o loketseng wa ho laola beng ba meaho ka bodulo bo rentwang.
Dihosetele di ntjhafaditswe hore e be Bodulo bo Tentiswang bo ka Kgonwang
Dihosetele tsa Kgwebo, tseo e leng tsa kgale, moo ho neng ho dula basebeletsi ba tswang hole, di tla hahuwa hape.
Tsena di tla fetolwa hore e be:
Diyuniti tse rentiswang tsa tefello e tlase, tseo e tla bang mohlomong tsa motho a le mong kapa lelapa, di ntjhafatswe hore e be bodulo bo bottle.
Ho hlokomelwa ha tsona e tla nne e be hwa mmuso wa lehae
Bodulo bo bo tshehetswang ke Ramosebetsi basebeletsi ba na le matla a ho buisana e le sehlopha mabapi le merero ya ho etsa kano ya ho lefa ntlo;
ho ka fihlella ditefello tse theotsweng ke moadimi; le ho thusa bao ba fumanang meputso e tlase ho ka fumana bodulo bo botlo le bo ka kgonwang ho lefellwa.
Ho fa batho matlo a kgale a mmuso
Ho isa thepa a ngata ka moo ho hlokehang ka teng bathing , Lefapha le kgothaletsa mebuso ya porovense le ya lehae:
Ka ha boholo ba thepa hbo k eke ba fetiswa ka lebaka la ho ba morao ha ditefello le ditshebeletso, Lefapha le tla kgothaletsa hore ho hlakolwe ditefello tse salletseng morao.
Ho eketswe Tshehetso ya Ditjhelete ya motho e mong le e mong ka boleng ba yona ba hona jwale ho ya ka ditjeho tsa thepa. Ebe jwale ho lebiswa tsena bathong.
Mmuso o tla be o sebetsa ka bokgabane ? o boloka nako le tjhelete
Boleng ba matlo bo tla ntlafala hobane:
Tshehetso ya bodulo ka tjhelete jwale bo tla sebedisetswa ho haheng moaho wa maemo.
Menyetla e meng e sebedisitseng boholo ba tjhelete ya bodulo, jwalo ka motheo, e tla ba teng mabapi le Mmuso wa Lehae le Porovense, Tshehetso ka Tjhelete.
Ditjeho tsohle tse ding tsa menyetla tse tsamaelanang le bodulo jwale e se e tla ajwa ke Puso.
Ha ho na ho nka nako e telele ho haha matlo a maemo a hodimo hobane mmuso o tla be o sebetsa hantle ho feta.
Dikgwebisano
Mmuso o ke kwa thusa ka moralo ona e le nngwe feela. Ho tla batlwa dikgwebisano tsa Kgwebo e Ikemetseng e le hore di dumele ka konteraka e boletsweng.
Karolo ya Ditjhelete boitelo ba mmuso ka kgwebisano, ho hlekela sebaye ho kenyeletsa dikgothaletso tse adingwang
Malapa ohle;
sebedisa dinyehelo Kareteng ya Ditshebeletso ya Ditjhelete; le ho hlahloba hape ditokelo tse ka fumanwang hape tse tlang pele tsa bolaodi ba selehae.
Karolo ya Ho Haha monyetla wa ho hwebisana le mmuso;
Ntlafatso ya badikonteraka ba Moruo ya Batho ba Batsho e theilweng (banna & basadi)le;
ntshetsopele ya bokgoni
Ho etsa hore mesebetsi e be teng ka bodulo
Ho ya ka meedi ya Lenaneo la Mesebetsi ya Setjhaba e Ekeditsweng (LMSE) ho kopanngwa ha mananeo ohle a bodulo a tla etsa hore ho be le mesebetsi e mengata ho fokotsa ho hlokahala ha mesebetsi.
Hona ho emetse ho thusa ho radilweng ho fokotsa boemo ba ho hlokeha ha mesebetsi naheng.
Lenaneo le tla kgona ho thusa batho ka tsebo ya mosebetsi.
Ena ke thupelo e mosebetsing ya bohlokwa; le
Lenaneo la ntshetsopele ya bokgoni e tsamaelanang le LMSE.
Thuso ya ka pele
Mekgwa ya ho thusa.
Taolo ya morero e matla.
Boikarabelo.
Seo Mmuso wa lapeng o ka se etsang.
Ho amohela.
Bosenyi, le taolo e seng ntle
Hara mabaka a palo e hodimo ya batho ba batlang bodulo, bosenyi le taolo e seng ntle.
Ho buletswe mohala wa potlako mabapi le ho behela ka tshebetso e sa lokang:
Lefapha le na le yuniti e thibelang bosenyi ka ho fuputsa dinyewe. Nomoro ya founu e sa lefellweng, 0800n204401 e baka hore ho fihlellwe yuniti ya thibelo ya bosenyi e be bobebe.
Ho fana ka tsebo, kgokahanyo le tlhokomediso
Tsebiso ka bodulo ke taba ya bohlokwa mabapi le katleho ya moralo ona kaofela.
Ho tla hlokomediswa ba kentseng letsoho jwalo ka baromuwa ba ditsha, baahi le bajalefa ho etsa hore ho be le hoe tsa qeto ho lokileng.
Matsholo, dipapatso, kgatiso ya diphamfolete, maqhepe a manyenyane le diofisi tsa tsebiso ya pele e tla ba kaorolo ya lenaneo lena.
Ditsha tsa Baahi tsa Dipheo tse Ngata (DBDN) di tla sebediswa ho susumelletsa moya wa ho ithuta ka ditaba tsa matlo; le
Ho etsa hore ho be le dibaka tsa ho kopanela tsa dikopano tsa baahi le merero.
Ka thuto ya ho reka, lenaneo lena le tla tseba ho:
Fokotsa palo ya dikhampani tsa maiketsetso tse qhekanyetsang ba hlokang tsebo ba ka rekiswang ba sa tsebe.
Jwalo ka karolo ya moralo re tla hloka Diporovense ho thusa ka ditsha tsa tsebiso tsa dikoloi. Ditsha tsa Tsebiso di tla tlisa tsebiso ka matlo bathong moo ba phelang teng le moo ho hlokehang teng.
Thuto ya Bareki e tla rerwa le dibanka. Batho ba tla rutwa ka:
hore ba ka fumana dibonto jwang;
o ka etsang ha o hloleha ho lefa bonto;
tsebiso ya kakaretso e tsamaelanang le ya nang le bonto; le ditokelo le ditshwanelo tsa ho ba moreki wa ntlo.
Diintsitushene tsa phumantsho ya matlo
Lekola o be o hlalosise hape seo diinstitushene tsa ho fumana matlo tsohle di lokelang ho se etsa.
Tsamaelana le moralo ( Sheba Sekgomathisi sa B)
Sekgomathisi sa B: Diinstitushene tsa ho fumana matlo e tla ba tsa bohlokwa haholo ho phethahatsweng ha moralo
Palo ya diintsitushene tse robedi di behela Letona ka ho thusa ho thuseng ka ho fumantsha matlo, mme e tla ba tsa bohlokwa haholo ho phethahatseng moralo. Seo diistitushene tsena tsohle di lokelang ho se etsa se tla lekolawa hape ho hlokomela hore ho be le tshebeletso e hodimodimo e tsamaelanang le moralo ona o motjha, mme nakong ena ditaelo tse teng ha jwale di sa sebediswa.
DITHAROLLO TSA PHUMANTSHO YA MATLO TSA SERVCON
Ditharollo tsa Phumantsho ya Matlo tsa Servcon di ile tsa thehwa ho thusa dithepa tsa phothefolio tse behetsweng ka thoko, moo baahi ba hlolehileng ho lefa dikadimo tsa bona tsa matlo teng tsa dibanka. Bo bong ba boikgethelo ba beng ba matlo ke ho iswa matlong a manyenyane moo ba ka kgonang ho lefa ka kgwedi teng, mme matlo ana a hahelwa Servcon ke Thubelisha Homes. Dintlha tsa ho Buisana: Lebokose la Poso 61608, Marshalltown, 2107, Founu 689 1800
Motheo wa Phumantsho ya Matlo wa Phedisano (MPMP) o theilwe ho ntshetsa pele ka bobatsi le hore ho be le bokgoni mabapi le diintsitushene tsa phumantsho ya matlo tsa phedisano, tse laolang palo ya phumantsho ya matlo ya phedisano, ha Terasete ya Phumantsho ya Matlo ya Setjhaba (TPMS) e ile ya thehwa hore ho be le bokgoni maemong ohle a mmuso, Mekgatlo eo E Seng ya Mmuso (MESM), Mekgatlo e Thehilweng Setjhabeng (MTS) le baahi ho tshehetsa Tsamaiso ya Phumantsho ya Matlo ya Setjhaba moo e leng hore batho ba kene ka setotswana ho haheng matlo a bona.
Terasete ya Tshebedisano ya Phumantsho ya Matlo ya Setjhaba e ile ya thehwa ka Phupjane ka selemo sa 1997. Thomo e batsi ya TTPMS ke ho tshehetsa Tsamaiso ya Phumantsho ya Matlo ya Setjhaba ka ho etsa hore ho be le bokgoni ba ho haha le ho sebetdisana le mebuso ya naha, porovense ya lehae le setjhaba ka ho kenya letsoho le ho tshehetsa Tsamaiso ya Phumantsho ya Matlo ya Setjhaba. Dintlha tsa Ho Buisana: Mokotla wa Poraevete X644, Pretoria, 0001, Founu 421 1442
Ofisi ya Thuso ya Phumantsho ya Matlo le Kahobotjha ya Metse ya Ditoropo ya Setjhaba e ile ya thehwa ho thusa bahahi ba hahang matlo a theko e tlase ka ditjhelete, haholoholo ho ba bathusi mahareng a diinstitushene tsa ditjhelete le bahahi.
Dintlha tsa Ho Buisana: Lebokose la Poso 15654, Doornfontein, 2028, Founu 229 1033
Koporasi ya Ditjhelete ya Phumantsho ya Matlo ya Setjhaba e ile ya thehwa ho fuputsa ditsela tse ntjha le tse molemo tsa ho bokella tjhelete mabapi le phumatsho ya matlo, ho tswa mehloding e ka ntle ho puso, ho sebedisanwa le mekgatlo e mengata ka bophara. Ditjhelete di iswa baemeding ba ditjhelete ba thusang batho ba batlang ho haha matlo a bona, kapa ba batlang ho eketsa le ho ntlafatsa matlo a bona a seng a le teng.
Dintlha tsa Ho Buisana: Lebokose la Poso 31376, Braamfontein, 2017, Founu 644 9800
Letlole ala Kadimo la Phumantsho ya Matlo la Mahaeng le thusa jwalo ka KDPMS, empa haholoholo ho malapa a amohelang tjhelete e nyenyane mahaeng ho ba thusa ho fumana dikadimo ka mokgwa o tswelang pele ho haha kapa ho ntlafatsa matlo a bona. Dintlha tsa Ho Buisana: Lebokose la Poso 645, Bruma, 2026, Founu 621 2508
Thubelisha Homes (Khampani ya Karolo ya 21) e ile ya thehwa ka Phujane ka selemo sa 1998 e le sesebediswa sa sepheo se ikgethileng sa ditjelete ho bopa palo ya matlo e lekaneng. Mokgwa ona ke tsamaiso eo ka yona nang le thepa ya kadimo ya banka ka phoso ba thuswe ho ya dula matlong ao ba ka kgonang ho a lefella. Dintlha tsa Ho Buisana: Lebokose la Poso 61796, Marshalltown, 2107, Founu 833 4000
Lekgotla la Ngodiso ya Mohahi wa Matlo la Setjhaba thomo ya lona ke ho sireletsa bareki ba ka kgonang ho reka matlo ho bahahi ba ka ba qhekanyetsang ka Molao wa Mekgwa ya ho Sireletsa Moreki wa Phumantsho ya Matlo wa 1998. O leka ka matla ho laola le ho thusa haholo bareki ka ngodiso ya bahahi ba matlo le ngodiso ya matlo. Dintlha tsa Ho Buisana: Lebokose la Poso 461, Randburg, 2125, Founu 348 5734
